INF
RMATIVE
26 ‘Mesa - 02 Mot’seanong 2016
Lentsoe La Sechaba
LITABA
17
Lentsoe La Sechaba Labobeli la la 26 ‘Mesa - 02 Mot’seanong 2016
Lekala la Bophelo le thakhola ente e ncha ea bana Ka Thandie Mthimkhulu MOKHOTLONGLekala la Bophelo ka ‘Mantaha oa beke e fetileng le thakhotse ente e ncha e thibelang lefu la komello ea litho baneng (Plio) ele tlatsetso ho matlafatsa marotholi a neng a ntse a sebelisoa ho thibela lefu lena baneng. Ha a bua le sechaba sa Lilala, Letona la Bophelo Dr. ‘Molotsi Monyamane o itse Lekala la hae le tšoarane ka matsoho le bo-mphato oa lona tšebetsong, eleng Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO), Mokhatlo oa Machaba oa Lithuso baneng (UNICEF) esita le ba bang ba chang ba tšola litabeng tsa bophelo bo botle ba bana. O itse ente e thakhotsoeng ke ee thibelang Lefu la Komello ea Litho baneng le bukana e ncha ea bophelo e ikhethollang ka hore ho na le ea ngoanana le ea moshanyana, hape e kenyelelitse liente tsohle le eona ena e ncha, esita le tse ling tseo eleng hona li tla kena tšebetsong. A supa hape hore ke tlotla e kholo kahar’a setereke sa Mokhotlong ho thakholeloa ente ena e tlo tlatsetsa ho matlafatsa marotholi a thibelang Lefu lena la Komello ea Litho molemong oa bophelo bo botle ba Basotho. “Ente ena e ncha e thibelang Lefu la Komello ea Litho baneng,
Dr. Monyamane o enta ngoana ka ente e ncha
e tlo thusa ho ntlafatsa bophelo ba bana kahar’a naha ea Lesotho, haholo-holo re tsepamisitse mahlo a rona litabeng tsa thibelo ea mafu ka liente, ‘me ente ena e tla hlajoa ngoana seropeng ha a le likhoeli tse peli le libeke tse peli. “Naha ea Lesotho joaloka linaha tse ling tse ntseng li hola, le ipapisitse le mohoo oa Machaba o reng lipakeng tsa lilemo tsa 2013-
2018, linaha tsohle tsa lefatše li be li ripitlile Lefu la Komello ea litho hohang-hang, ke ka hoo re le naha, re ikakhetseng ka setotsoana ho etsa mekutu eohle ho ntša lefu lena ka metso, ho theola sekhahla sa ho kula, ho holofala, esita le ho shoa ha bana ba ka tlaase ho lilemo tse hlano ka lebaka la mafu a kotsi empa a ka thibeloa ha bobebe ka liente,’’ ho rialo Dr. Monyamane.
Ha a tsoela pele a toboketsa hore lefu lena le bakoa ke kokoana-hloko e fumanehang mantleng, ao ha a ka a ama lijo kapa metsi, kokoana-hloko ena e ka kenang ‘meleng oa motho, ‘me ea fihla ea ikatisa qoqothong le ka maleng. A re matšoao a lefu lena,hara ona, a kenyeletsa hore ngoana ea lilemo li ka tlaase ho leshome le metso e mehlano ea neng a ntse a tseba ho sebelisa maoto, matsoho le litho tse ling tsa ‘mele hantle, e be hang-hang o se a sitoa ho li sebelisa, empa a re le ha hole joalo, lefu lena le hoja le le kotsi hakaalo, le ka thibeloa ha bobebe ka ente e na e thibelang Lefu la Komello ea Litho ngoana a sa le monyane. A boela a supa hore Lekala la habo le ipiletsa ka matla ho sechaba hore, ho se be ngoana le ea mong kahare ho naha ena ea Lesotho ea ka angoang ke lefu lena le kotsi, le holofatsang bana empa le ka thibeloa ha bobebe ka liente tse fumanehang litsing tsohle tsa bophelo ntle ho tefo ea letho. Ha a phethela, a toboketsa taba ea hore e le hore Lesotho le se ahe serobe phiri e se e jele, bana bohle ba lilemo li ka tlaase ho tse hlano ba isoe litsing tsa bophelo ho lo fumantšoa ente ena kaha e bile ele tokelo ea bana bohle ho fumantšoa liente tse thibelang mafu.
CCJP, DPE li tsitsilela khotso ea moshoelella Ka Tefo Khunonyane MASERU- Komisi ea Toka le Khotso ea Kereke e K’hatholike ( Catholic Commission For Justice and Peace) le Mokhatlo oa Development For Peace Education (DPE), ba ne tšoaretse sechaba sa Lebakeng ‘moka Maseru ka sepheo sa ho arolelana maikutlo le bona ka litaba tse etsahetseng Rothifa Lebakeng seterekeng sa Qacha’snek tse bakileng lefu la Mofumahali Puseletso Pelesa ea tsejoang ka lebitso la ‘Mamoleboheng Basele ka Labone bekeng e fetileng. H’a bua ‘mokeng oo Mookameli oa Lekhotla la Mekhatlo e ikemetseng (Lesotho Council of Non-Governmental Organizations), Monghali Seabata Motsamai o bontšitse hore letšolong la Sesole la thibelo ea litlolo tsa molao, haholo-holo bosholu ba liphoofolo ho na le khatikelo ea litokelo tsa mantlha tsa botho tse ntseng li etsahala tšebetsong ea bona. A supa hore hohle moo khatikelo ea litokelo tsa mantlha tsa botho e etsahalang ba tla fumanoa teng ba e loantša. A re mekhatlo e ikemetseng e sheba litaba ka ‘nete feela, ‘me e etsa lipatlisiso ho iphumanela se etsahetseng, ebe e batla tharollo. H’a bua ‘mokeng oo, setho sa Mahokela a Lebakeng, Monghali Motlatsi Motloang o supile hore
linakong tsa ho feta pele Sesole sa Lesotho se fihla moo, sechaba sa Lebakeng se ne se phelisoa habohloko ka lebaka la masholu a liphoofolo a neng a li utsoa ka likhoka ka lithunya, esitana le litlolo tse ling tsa molao tse kang lipeto. A re ka bo teng ba Masole sebakeng seo bosholu le lipeto li fetohile pale ea maobane. Morena Sello Mosothoane oa Patlong, eena h’a bua ketsahalong eo o bontšitse hore bothata bo neng bo le teng Lebakeng e ne ele bosholu lipakeng tsa sechaba sa Qacha le Matatiele. A re taba eo e emisitse kamora ho fihla ha Sesole sebakeng seo. A re ho mpa ho etsahetse ka phoso feela hore ebe sesole se ile sa kena litaba tsa lelapa, moo motho ea se nang molato a bileng a lahleheloa ke bophelo. A ipiletsa ho ‘muso hore o hle o hlome motebo oa sesole ha habo Patlong ho thibela litlolo tseo ho sa feleng. Mookameli oa DPE, Monghali Sofonia Shale, eena o ile a beha sechaba leseling ka litaba tse amang lefu la Mofumahali Basele ka lipatlisiso tseo ba li entseng ho fumana sesosa sa lefu. A bontša hore Lebakeng ke se seng sa libaka tse robeli ka maluting, moo DPE e sebetsang teng Makhotleng a Puso ea Libaka literekeng tse 10 kahare ho naha. Monghali Shale a supa hore DPE e na le moemeli oa eona sebakeng seo sa Lebakeng, eo ebileng
eleng letsoalloa sebakeng seo. A re ke lona lebaka le entseng hore ba meme baahi ba sebaka seo, esitana le beng ka mofu hore ba eo bolella sechaba hore na hantle-ntle se hlileng se etsahetseng hore mofu a lahleheloe ke bophelo ke sefe.
“Monghali Shale a re seo
ba se fumaneng ke hore mofu o ne a ile a qabana le ‘Mangoana’e le molamo oa hae, ‘me a ba hlapaola ka mahlapa a tala, eaba ba mo romella ho Morena, ea ileng a mo fetisetsa ho Sesole ka lengolo hore a eo khalengoa. A re ke moo Sesole se tlalehoang se ile sa mo paqamisa faatše, ‘me sa mo shapa.” Monghali Shale a re seo ba se fumaneng ke hore mofu o ne a ile a qabana le ‘Mangoana’e le molamo oa hae, ‘me a ba hlapaola ka mahlapa a tala, eaba ba mo romella ho Morena, ea ileng a mo fetisetsa ho Sesole ka lengolo hore a eo khalengoa. A re ke moo Sesole se tlalehoang se ile
sa mo paqamisa faatše, ‘me sa mo shapa. A hlalosa hore liphuputsong tsa bona ba fumane hore Sesole se sebelisa kharafu, molamu le sephali ho shapa le ho khalema ba fumanoang ba le molato. A re DPE e ile ea mamela libui tse neng li le lepatong. A re DPE e fumane hore Sesole se bontšitse se soabisitsoe haholo ke ketsahalo eo,’me se hlalositse hore se ke ke sa sitisa lipatlisiso tsa Sepolesa ho batla ba amehang lefung leo. A hlalosa hore Sesole se supile hore se etsahetseng moo ha se sona seo Sesole se rometsoeng moo ho ea se phethahatsa ho hang. A re DPE e boetse e utloile hore Sesole se ile sa isa matšeliso a M10, 000 ho ba lelapa la mofu, ‘me ba kopa tšoarelo. A bontša hore seo Sesole se ntseng se se etsa matšolong a sona ka hore ebe ho na le mafu a ntseng a hlaha moo ke tlolo ea molao ea litokelo tsa mantlha tsa botho. A re ho boetse ho bonahetse tšebelisano e fokolang lipakeng tsa Sesole le Sepolesa hobane Sesole se fihlile sa theha sehlopha sa bona sa Mahokela, empa ho ne ho se ntse ho na le sa Mahokela se thehiloeng ke Sepolesa. Monghali Shale a re Sesole se atlehile ho namolela sechaba ho masholu ka ho runtšulla le ho ruthutha metebo -ntloana ea masholu a neng a bonahala a se a hlotse le ho qaka Sepolesa sa Lesotho, ‘me se fetotse boemo