Informative News 1 to 7 December 2015

Page 17

01 Tšitoe - 07 Tšitoe 2015

Lentsoe La Sechaba

LITABA

17

Lekala la Meru le rupela lihoai tsa Quthing Ka ‘Mantšali Phakoana QUTHING-Lekala la Meru Seterekeng sa Quthing le ile la tšoarela lihoai tsa Quthing koetliso ea beke Mt. Moorosi, e le hoba hlahlella ka malebela a ho lema lifate tsa litholoana esita le tsa meru. Ho ea ka ofisiri e ikarabellang Lefapheng la Paballo ea Metsi le Meru Seterekeng seo, Mohlomphehi Fusi Tlali, thupelo e tlile kamor’a hore Lekala le hlokomele hore ho’a hlokahala hore ho akofisoe tlhahiso ea lijo, haholo tsa litholoana Setereng sa Quthing. E mong oa lihoai tse thupelong eo, Monghali Mahlomola Damane ho tsoa Makholong Mphaki, o hlaloselitse Lentsoe la Sechaba hore e le motho o thabile ka ha ka lebaka la thupelo eo, a ruhile tsebo eo etlang hoba lefa ho eena. O supile hore ke sehoai sa nako ea lilemo tse ka bang hlano a ntse a lema lifate tsa litholoana tsa liperekisi ho na le lintho tse ncha tseo a ithutileng tsona le ho hlokomela hore ho bohlokoa hape hore ba se leme lifate tsa litholoana feela, empa ba leme le tse nyalisoang. “Ke nnete esale ke kene ka kotloloho temong ea lifate tsa litholoana, empa ke ne ke sa li nyalisa, ‘me ka lebaka la thupelo ena ke hlokometse hore ho li nyalisa ho bohlokoa ka ha lifate tse nyalisitsoeng li atleha ho feta tse sa nyalisoang, ‘me le litho-

loana tsa teng e eba tse atlehileng hape le boleng ba tsona ebe bo khotsofatsang leha motho a li sheba,” ke Monghali Damane eo. A bontša hore o qala hore ebe karolo ea lithupelo tse kang tsena empa e le hore o lula a kena lipuisanong khafetsa le basupisi ba Lekala le tšoanang, moo Lekala le lulang le hlahloba lifate tseo a li lemmeng, ‘me a supa hore tsona o atisa ho li lema ka khoeli ea ‘Mesa kapa ea Motšeanong, joale ebe Lekala le li hlahloba ka khoeli ea Phuptjane. Monghali Damane a re ha litholoana tseo li se li atlehile, Lekala lona la Meru le ee le li reke. “Leha ho le joalo, ba re hlokomelisitse hore re se itšepisi ka Lekala kamehla, empa re ithekise ka bo rona, re tsejoe ke sechaba se sengata, ka tlhahiso ea litholoana e ipabotseng naha ka bophara,” a rialo Monghali Damane. Ho sale joale Morena oa Ha Liphapang hona Seterekeng sa Quthing, ebile e le emong oa lihoai tsa lifate, Morena Liphapang Letsie o itse ba ile ba mengoa ke Lekala la Meru ho ea thupelong eo, ‘me eena joaloka ha e le moetapele ea ratang ho sebelisa matsoho a hae le ho itlhahisetsa lijo mobung, o ile a eba le khahleho e kholo ea ho fumantšoa litsebo tseo a bileng a etseng hloko hore ha ho nako eo motho a ka reng o rutehile ‘me o tseba sohle. A supa hore nako ena eo ba bileng thupelong ebile nako e telele

Mofuta oa lifate tsa Litholoana tsa liperekisi o lengoang Lesotho

haholo ka ha a bulehile kelello ena ka ho ithuta lintho tse ncha le hona ho ntlafatsa tsebo tsa hae moo ebang o ne a se ntse a ena le tsebo teng. “Ka thupelo ena melemo e mengata eo ke e fumaneng ‘me ke ntse ke bona hore ha ke fihla hae ke ilo qala ke sebelise maqheka ao, ka hona ke bona katleho lifateng tsa ka, ke boetse ke na le tšepo ea hore ha ho potang, temo e tlo tsamaea hantle ka

mokhoa oo ke lebeletseng ka teng,” ke eena eo. Morena Letsie a qetella ka ho hlalosa hore eena litholoana tseo a li kotulang, o li ja le lelapa, o li rekisetsa haholo bahahloauli ba chakelang sebakeng sa ha haho ka ha ho e na le libaka tsa ho hohela bahahlauli moo. “Ntle le mono ke lifate tseo ke li rekisang e sa le sethopo, sebakeng sa batho ba li batlelang ho lema.”

Motlotlehi o thakhola ngoliso le ho tšoaea liphoofolo Ka Palesa Mosola MASERU-Motlotlehi Khosi Letsie III o thakhotse ka molao ngoliso le ho tšoaea liphoofolo ka Laboraro bekeng e fetileng Matsieng. Motlotlehi o ile a ba a fumana litokomane tsohle tse bontšang hore liphoofolo tsa hae li ngolisitsoe ka molao. Haa buoa ketsahalong eo, Letona la Tsa Lehae Mohlomphehi Lekhetho Rakuoane o boletse hore ka selemo sa 1998 ho bile le boithuto bo ileng ba etsoa ke Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo ka sepheo sa ho fihlela tharollo ea ho felisa bosholu ba liphoofolo bo bonahetseng bo jele setsi. Letona la supa hore nakong eo letšolo lena le qalang ho bonahetse qholotso e ngata ka lebaka la tlhokahalo ea chelete le lisebelisuoa. “Mosebetsi ona o ile oa qala literekeng tse tharo e leng Mokhotlong Thaba-Tseka le Qacha’s Nek ka sepheo sa ho bona hore na tšebetso eo e tla tsoela pele,” a rialo Mohlomphehi Rakuoane. A hlalosa hore Mosotho e mong le mong o lokela ho nka khatho ea ho ngolisa liphoofolo ka sepheo sa ho thusa mafapha o’hle toantšong ea bosholu ba liphoofolo. Ha a fera litaba tsa hae,

Khosi Letsie III o khakola ngoliso le ho ts'oauoa hoa liphoofolo

Mohlomphehi Rakuoane o boletse hore Lekala la habo le tlo sebetsa hammoho le k’hampani ea Computer Business Solutions le e’ngoe ho tsoa naheng ea India ka sepheo sa ho bokella manane o’hle a liphoofolo kahar’e ho sesiu e le molemong oa ho etsa meralo e nepahetseng sebakeng sa ho reka meriana kapa ho etsa litaba tsa khoebo molemong oa lihoai. Ea tšoereng molepo e le Mon-

goli e Moholo oa Lekala la tsa Lehae,Monghali Masia Johane o boletse hore Lekala la habo le bonahetse le tšoenyehile haholo ke ka moo sechaba sa Basotho se felloang ke liphoofolo ka lebaka la masholu . A tsoela pele hore e le mokhoa oa ho felisa bosholu ba liphoofolo, Lekala la habo le ikelelitse hore hobe le mokhoa o nepahetseng oa ho tšoaha liphoofolo.

Hona ketsahalong eo, Mohlomphehi Monyane Moleleki Letona la Sepolesa o boletse hore Lekala la habo ka lefapha la taolo ea bosholo ba liphoofolo e leng Stock Theft Unit le sebetsa ka thata ‘moho le Mahokela ho polesa e le mokhoa o mong oa ho thibela msaholu hore a seke a inkela liphoofolo tsa batho bosiu empa e ntse e le qholotso kaha masholu ao a bonahala a ikemiselitse ho tsoela pele ho inkela liphoofolo tsa Basotho ka likhoka le ho ba bolea. Ha a fera litaba tsa hae, Mohlmophehi Moleleki o boletse hore mokhoa ona oa ho tšoea liphoofolo ke oa khale empa bohle ba nang le kobo ea bohali ba lokela ho ela hloko maqiti o’hle a masholu e le ho fenya bosholu ba liphoofolo kaha liphoofolo e le mokokotlo oa bophelo ho Basotho. Ha a buoa lebitsong la lihoai, Monghali Mokoenihi Thinyane o boletse hore o leboha Lekala la tsa Lehae ka mokhoa oa ho ngolisa liphoofolo ka sepheo sa ho thibela bosholu bo bonahalang bo jele setsi. A boela a supa hore khale barui ba liphoofolo ba le seboko ke masholu kaha ha liphoofolo li fumanoe ke sepolesa e ba bothata ba ho fumana mong’a tsona kapele hoo li beng li felle sekete.


Turn static files into dynamic content formats.

Create a flipbook
Issuu converts static files into: digital portfolios, online yearbooks, online catalogs, digital photo albums and more. Sign up and create your flipbook.
Informative News 1 to 7 December 2015 by Informative - Issuu