INF
RMATIVE
27 Mphalane. - 02 Pulungoana. 2015
LITABA
Lentsoe La Sechaba
15
Lentsoe La Sechaba Labobeli la la 27 Mphalane - 02 Pulungoana 2015
Hashatsi o hlahlela kopo Lekhotleng le Phahameng Ka Tefo Khunonyane
Setulo oa Komisi, Justice Mphaphi Phumaphi, oa boraro ke Komisi ka bo-eona, oa bone ke Ramolao e Moholo oa ’Muso, athe oa bohlano ke Mofumahali ’Mamphanya Mahao. Nyeoe e ne ele kapele ho Justice Tšeliso Monaphathi, ’me ’muelli oa molli ke Advocate Motia Teele (KC), athe baikarabelli bona ba emetsoe ke Advocate Molefi Ntlhoki (KC).
MASERU - Lieutenant colonel Tefo Hashatsi o hlahletse kopo Lekhotleng le Phahameng ea hore Lekhotla le thibele Komisi ea SADC ea lipatlisiso tsa litaba tse bakileng lefu la Lieutenant General Maaparankoe Mahao, esitana le hore na ho nyolleloa boemong ba Lieutenant General hoa hae na ho ne ho le molaong kapa che, le hore na ho khutlisetsoa h’oa Lieutenant General Tlali Kamoli bolaoling ba Sesole ho ne ho le molaong kapa che ho mo bitsa ho ea fana ka bopaki lekhetlo la bobeli. Lt. Col. Hashatsi o boetse o kopile Lekhotla hore le phatlalatse tulo ea Komisi Afrika Boroa e se molaong ebile e sa amohelehe, ’me e felle moeng feela. Lekhotla le entse qeto ea hore nyeoe eo e tle e tsoele pele ka la 02 Tšitoe 2015. ’Muelli oa lelapa la Mahao, Advocate Haae Phoofolo eena o kentse kopo ea hore mosali oa mofu, Mofumahali ’Mamphanya Mahao a kenyeletsoe nyeoeng ena ele moikarabelli oa bohlano ’me lekhotla le ananetse kopo eo. Moikarabelli oa pele nyeoeng ena ke Tona-kholo ea Lesotho, Dr. Pakalitha Mosisili, oa bobeli ke Molula
Lt. Col. Hashatsi o boetse o kopile Lekhotla hore le phatlalatse tulo ea Komisi Afrika Boroa e se molaong ebile e sa amohelehe, ’me e felle moeng feela. Lt Col. Hashatsi
Lesotho le tla tšoara ’moka oa phepo e nepahetseng Ka Thandie Mthimkhulu MASERU – E le karolo ea ho ntšetsa pele leano la Motlotlehi Khosi Letsie III la phepo e nepahetseng Lesotho, ho tla tšoaroa ’moka ka la 29 khoeling ena ke Ofisi ea Mohlomphehi Tonakholo, Makala la Thuto le Koetliso, Bophelo ekasitana le la Temo le Kanetso ea Lijo ha ’moho le mafapha a chang a tšola litabeng tsa phepo e nepahetseng sechabeng ele ho hlopha tsela ea tšebetso ea ho anetsa litaba tsa phepo e ntle sechabeng. Motlatsi oa Letona la Thuto le Koetliso, Mohlomphehi Thabang Kholumo o itse ba se ba ntse ba tšoarane ka matsoho ele mafapha a chang a tšola ho anetsa litaba tsa phepo e nepahetseng sechabeng. O tsoetse pele ho bontša hore ’muso o se o tl’o fepa bana ba likolo ka kotloloho ’me o tla reka lijo ho Basotho, o be o hlokomele hore maloala a silang poone ha se a ntšang matsoai a bohlokoa le hore likolong tsa likonyana ho tla ba le likala ho bona hore boima ba bana bo lumellana le lilemo le bolelele ba ngoana ele ho
qoba mafu a bakoang ke phepo e sa nepahalang ka nako. O boetse a supa hore bana ba likolo ba se ba tla ja habeli hobane ba hlokometse hore tlala ke e ’ngoe e kenyang letsoho litabeng tse sitisang ngoana ho ithuta hantle, kaha tlala e baka mokhathala. Motlatsi oa Letona la Temo le Kanetso ea Lijo Mohlomphehi ’Mamosa Molapo o itse ke boikarabello ba Lekala la habo ho anetsa lijo sechabeng ele karolo ea ho fetisetsa phepo e nepahetseng sechabeng. Ha a eketsa o itse: “Litaba tsa phepo e nepahetseng li bohlokoa kaha batho ba phelang le kokoana-hloko ea HIV/AIDS ba lokela ho ja hantle molemong oa bophelo bo botle le hore ba noe litlhare ba jele. Bana ba likolo hore ba ithute ka nepo, ba lokela ho ja hantle.’’ Ha a eketsa holim’a litaba tsena, Motlatsi oa Letona la Bophelo Mohlomphehi Liteboho Kompi o bontšitse hore moralo ona o tl’o thusa haholo ho thehola sekhahla sa ho hlokahala hoa ’m’a le lesea nakong ea pelehi, kaha ba ithutile hore ho se je hantle ho kenya letsoho litabeng
Lesotho Funeral Service e fana ka limpho ho Sepolesa pg 16
tsena. A re bana ba hlokahalang ba le lilemo li tlase le ba holang ho feta lilemo tsa bona ha ba na ho bonoa kaha litaba tseo le tsona li bakoa ke phepo e sa nepahalang. Mohlomphehi Kompi o tsoetse pele ho supa hore bakhachane ba lokela ho atamela litsi tsa bophelo kaha ho se ho ntse ho fanoa ka lipilisi ele lijo-tlatsetso ho eketsa matsoai a mang a itseng ’meleng, ’me a re ele ho thusa Motlotlehi hore Lesotho le tle le ipabole litabeng tsa phepo e nepahetseng, ba tl’o kopana le baetapele ba sechaba metseng ho potoloha le naha ho ba ruta ka litaba tsa phepo e nepahetseng, ele hore Mosotho e mong le e mong a tle a fumane thuto ena. O supile hape hore Lekala la Bophelo le se le ntse le rupela basebeletsi ba tsa-bophelo-metseng ka phepo e nepahetseng ka tumelo ea hore libakeng tseo litsi tsa bophelo li sa fihleleheng ha bobebe, bo-’m’e ba baimana ba tla fumana thuto ea hore na ba lokela ho ja joang molemong oa bophelo bo botle ba ’m’a le ngoana.
Lesotho le Afrika Boroa li tsoela pele ho rarolla qaka ea maliboho pg 17
Dr. Sekonyela Sebotsa, ho tsoa Ofising ea Tona-kholo, ele motsamaisi lijong le phepong e nepahetseng, o bontšitse hore ofisi ea habo e thusetsa haholo nakong ea likoluoa, le hore ba tl’o sebetsa le makala ’ohle a nang le kobo ea bohali litabeng tsena ho phethahatsa morero ona oa Motlotlehi oa hore Lesotho le ipabole litabeng tsa phepo e nepahetseng. Ha a eketsa, o bontšitse hore phepo e nepahetseng e bohlokoa haholo molemong oa ho aha sechaba sa ka moso, se phetseng hantle, le hore bana ba likolo ba je hantle, batho ba phelang le kokoana-hloko ea HIV/ AIDS ba lokela ho ja hantle hore bophelo ba bona bo be botle. ’Moka ona o tšoaroa kamor’a hore Motlotlehi Letsie III a khethoe ele serumola litabeng tsa phepo e nepahetseng ’mokeng o neng o tšoeroe ke linaha tsa machaba a kopaneng Addis Ababa, Ethiopia selemong se fetileng, ’me makala a chang a tšola a kopane ho thusa Motlotlehi hore Lesotho le ipabole litabeng tsa phepo e nepahetseng.
Kholumo o hlaba sechaba malotsana ka merero ea Lekala Pg 18