1 minute read

Sedibeng se hopola Polao ya Sharpeville 1960!

By Legego Mohlamme

Ho lahleheloa ke ‘m’e, e tla dula e le ntho e bohloko ho Margaret Salanyane.

Advertisement

Salanyane ya dilemo di-67, o ile a hlokahallwa ke ’mmae a le dilemo tse tsheletseng nakong ya polao ya Sharpeville e ileng ya siya batho ba palo ya-69 ba shwele ’me ba-180 ba tswa dikotsi tse mpe.

Ha a bua le boraditaba nakong ya sehopotso sa Ditokelo tsa Botho motseng wa Sharpeville, Sedibeng. Salanyane o re letsatsi leo ha le tlise letho ha e se maswabi le masisa-pelo ho yena.

“Letsatsi lena le tlisa maswabi hobane ke ne ke tla rata ho tshana le bana ba bang ba holetseng le batswadi ba bona le hoja ke le moholo nakong ya jwale, ke ne ke le dilemo tse tsheletseng ha a hlokahala.

“Bo mm’e ke batho ba khethehileng bophelong ba motho e mong le e mong, empa apartheid e ile ya re amoha yena kapa tokelo eo. Jwalo ka ha o tseba, ha ntho e ‘ngwe le e ‘ngwe e etsahala, ekaba ha owa, o bitsa ‘mmao, empa ha kea ka ka bitsa wa ka,” ho boletse Salanyane.

A re o ne a ile ho reka dikuku tsatsing leo ha batho ba bangata ba bokane seterateng sa Seiso empa ba sa utlusise se etsahalang.

E le mahlatsipa a letsatsi leo le mahlonoko, Salanyane o re ha ba so fumane thuso ho tswa mmusong.

“Re le malapa a mahlatsipa a polao ya Sharpeville, ha ho letho leo re le etsetswang, ha re fumane le liphuthelwana tsa