Skip to main content

Sesotho - The Reality of Hell

Page 1

'Nete ea Lihele Le se ke la tšaba ba bolaeang 'mele, empa ba sa khone ho bolaea moea: empa ho e-na le hoo le tšabe ea nang le matla a ho timetsa moea le 'mele liheleng. Matheu 10:28

Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele le Histori Hobane mollo o hoteditswe bohaleng ba ka, mme o tla tjhesa ho isa nqalong e ka tlase ya bafu, mme o tla tjhesa lefatshe le dijo tsa lona, mme o tjhese metheo ya dithaba. Deuteronoma 32:22 Maqhama a nqalo ya bafu a ne a nteetse hare, maraba a lefu a ne a ntshwere; mahlomoleng a ka ka bitsa ho Jehova, ka hoeletsa ho Modimo wa ka, mme a utlwa lentswe la ka a le tempeleng ya hae, mme mohoo wa ka wa kena ditsebeng tsa hae. 2 Samuele 22:6-7

Lithothokiso Na o ka fumana Modimo ka ho batlisisa? Na o ka fumana Ya Matla Ohle ka botlalo? E phahame jwalo ka lehodimo; o ka etsang? E tebile ho feta nqalo ya bafu; o ka tseba eng? Jobo 11:7-8 Lihele li hlobotse ka pel'a hae, 'me timetso ha e na sekoahelo. Jobo 26:6 Ba babe ba tla sokolohela liheleng, le lichaba tsohle tse lebalang Molimo. Lipesaleme 9:17 Hobane u ke ke ua tlohela moea oa ka nqalong ea bafu, leha e le ho tlohela Mohalaleli oa hao hore a bone ho bola. Lipesaleme 16:10 Maqhama a nqalo ya bafu a ne a nteetse hare, maraba a lefu a ne a ntshwaretse. Lipesaleme 18:5 Lefu le ba tshware, mme ba theohele nqalong ya bafu ba ntse ba phela, hobane bokgopo bo teng malapeng a bona, le hara bona. Pesaleme ya 55:15 Hobane mohau oa hao o moholo ho 'na, 'me u lopolotse moea oa ka nqalong e ka tlaase-tlaase ea lihele. Lipesaleme 86:13 Mahlomola a lefu a ne a nteetse hare, mahloko a nqalo ya bafu a ntshwara: ka fumana mathata le masoabi. Lipesaleme 116:3


Turn static files into dynamic content formats.

Create a flipbook
Sesotho - The Reality of Hell by Filipino Tracts and Literature Society Inc. - Issuu