Skip to main content

Sesotho - Baptism of Water and Fire

Page 1

Kolobetso ea Metsi le Mollo Yaba ke hopola lentswe la Morena, kamoo a itseng kateng, Johanne o kolobeditse ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang. Liketso 11:16

Likosepele Matheu 3:1-17 1 Mehleng eo ha hlaha Johanne Mokolobetsi, a ruta lefeelleng la Judea, 2 A re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse. 3 Hobane ke yena ya neng a boletswe ke moporofeta Esaia, ha a re: Lentswe la ya howang feelleng, le re: Lokisang tsela ya Morena, le lokise ditsela tsa hae. 4 Johanne eo o ne a apere seaparo sa boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhama la letlalo; dijo tsa hae e ne e le ditsie le mahe a dinotshi a naha. 5 Yaba Jerusalema, le Judea yohle, le naha yohle e pela Jordane, ba tswela ho yena, 6 Mme ba kolobetswa ke yena nokeng ya Jordane, ba ipolela dibe tsa bona. 7 Empa ha a bona Bafarisi le Basaduse ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a re ho bona: Lona bana ba marabe, ke mang ya le boleletseng ho balehela bohale bo tlang? 8 Ka baka leo, behang ditholwana tse tshwanelang pako. 9 Mme le se ke la re ka ho lona: Re na le Abrahama, ntata rona; hobane ke re ho lona: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana. 10 Mme jwale selepe se se se beilwe metsong ya difate: ka baka leo, sefate se seng le se seng se sa beheng ditholwana tse monate se a rengwa, mme se lahlelwa mollong. 11 Nna ke le kolobetsa ka metsi, ke le kolobetsa pakong; empa ya tlang ka mora ka o matla ho mpheta, eo ke sa lokelang ho mo jara dieta; o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo. 12 Seoloso sa hae se letsohong la hae, mme o tla hlwekisa seotlo sa hae ka ho feletseng, mme a bokelle koro ya hae ka tlung ya polokelo, empa mmoko o tla o tjhesa ka mollo o sa timeng. 13 Yaba Jesu o tswa Galelea, a tla Jordane ho Johanne, ho kolobetswa ke yena. 14 Empa Johanne a mo thibela, a re: Ke nna ke lokelang ho kolobetswa ke wena, mme na o tla ho nna? 15 Jesu a araba, a re ho yena: “ Dumella hore ho be jwalo jwale, hobane re lokela ho phethahatsa ho loka hohle.” Yaba o a mo dumella. 16 Eitse hobane Jesu a kolobetswe, a phakisa a tswa metsing; mme bonang, mahodimo a mo phetlela, mme a bona Moya wa Modimo o theoha jwaloka leeba, o tla hodima hae. 17 Mme lentswe la tswa lehodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahlwang ke yena.


Turn static files into dynamic content formats.

Create a flipbook
Sesotho - Baptism of Water and Fire by Filipino Tracts and Literature Society Inc. - Issuu